Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi; mme kannete ke a le bolella, ke re: Ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi;

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:35
31 Referencias Cruzadas  

Ho hlohonolofale ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a le hlohonolofatsa, rona ba ntlo ya Jehova.


Meaho ya bona e ke e fetohe dithako, ho se ke ha eba motho ya dulang ditenteng tsa bona!


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos