Luka 13:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne! Ver CapítuloBIBELE34 “Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela! Ver CapítuloBaasraak Sotho NT34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne! Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202434 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne! Ver Capítulo |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.
Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa.