Luka 13:34 - BIBELE34 “Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela! Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne! Ver CapítuloBaasraak Sotho NT34 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne! Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202434 Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena! Ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka koko ha e bokella malinyane a eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne! Ver Capítulo |
“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ”