Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
Mareka 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Johanne o ne a le feelleng, a kolobetsa, a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe. BIBELE Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe. Baasraak Sotho NT Johanne o kile a kolobetsa feelleng, a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Johanne o kile a kolobetsa feelleng, a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe. |
Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe.
Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.
le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne;
Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.