Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:77 - Sesotho 1909/1961 (SO)

77 o tle o nee setjhaba sa hae tsebo ya poloko, tshwarelong ya dibe tsa bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

77 o tsebise setjhaba sa hae hore se tla pholoswa ka ho tshwarelwa dibe tsa sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

77 ho fa setjhaba sa hae tsebo ya poloko, ka tshwarelo ya dibe tsa sona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

77 ho fa setjhaba sa hae tsebo ya poloko, ka tshwarelo ya dibe tsa sona;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:77
19 Referencias Cruzadas  

Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe;


mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.


Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.


Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.


Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos