Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:76 - Sesotho 1909/1961 (SO)

76 Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

76 Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

76 Le wena ngwana, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

76 Le wena ngwana, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:76
22 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa Sione ho tla thwe: E mong le e mong o tswaletswe teng. Mookamedi ya phahameng ke yena ka sebele ya o tiisang.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


Heroda o ne a rata a ka mmolaya; empa a tshaba batho; hobane ba ne ba re: Ke moporofeta.


Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Hobane ke yena ya neng a lekanntswe ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.


Ha re re: E ne e tswa bathong, — teng ba ne ba tshaba setjhaba, hobane bohle ba ne ba re, Johanne ke moporofeta wa sebele.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.


A re: Nna, ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang tsela ya Morena; jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.


ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.


Ke lona ka sebele le leng dipaki tsa ka tsa hobane ke boletse, ka re: Hase nna Kreste, ke mpa ke romilwe ho mo etella pele.


A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos