Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:5
15 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.


Johanne o ne a le feelleng, a kolobetsa, a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe.


Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo, a eja ditsie le dinotshi tsa naha.


Taba tseo di etsahetse Bethania, mose wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng.


Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa.


Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.


Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos