Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Haele nna, ke le kolobetsa ka metsi pakong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Haele nna, ke le kolobetsa ka metsi pakong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 3:11
29 Referencias Cruzadas  

ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.


Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


Johanne o ne a le feelleng, a kolobetsa, a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe.


o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.


Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe;


Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.


Ke enwa eo ke mmoletseng, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.


hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.


Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.


Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?


Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.


Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos