Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.
Luka 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona. BIBELE Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.” Baasraak Sotho NT Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona. |
Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.
Hobane ya nang le ntho, o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.
Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.
Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.
Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.
Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.
Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.
Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?
Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.
Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.
Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.
E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.
Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.