Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 “Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 Mantswe ana a ke a mamele ditsebe tsa lona, hobane Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Mantswe ana a ke a mamele ditsebe tsa lona, hobane Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:44
26 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.


Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.


Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.


Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.


Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.


A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.


Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae.


Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


a re: E ka kgona Mora motho a utlwe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le ke bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha bafung ka letsatsi la boraro.


Jesu a ba araba, a re: Jwale le a dumela.


Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos