Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Empa etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa tshwanelang, ya balang a utlwisise, mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa tshwanelang, ya balang a utlwisise, mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:14
14 Referencias Cruzadas  

Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ha ho mora wa moditjhaba, eo e leng leqai pelong le leqai nameng, ya tla kena sehalalelong sa ka; ke bolela bara ba baditjhaba ba dutseng hara bana ba Iseraele.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.


Yaba ke utlwa e mong wa bahalaledi a bua; mohalaledi e mong a araba ya buileng, a re: A makae matsatsi a badilweng ke pono eo bakeng sa sehlabelo sa kamehla, le bakeng sa sebe se senyang? Sehalalelo le makgotla a tla hlolwa, a hatakelwe ho isa kae?


Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.


Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.


Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos