Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;
Luka 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha ba buseditse dikepana lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela. BIBELE Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela. Baasraak Sotho NT Eitse hobane ba ise dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane ba ise dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela. |
Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;
Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona?
E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.
Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.