Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:10
14 Referencias Cruzadas  

Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.


Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.


Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.


A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.


Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.


Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.


A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena.


Ke Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome;


Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.


mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos