Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:10 - BIBELE

10 Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:10
14 Referencias Cruzadas  

“Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,


Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!”


Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.


A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”


Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.


Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”


Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba.


A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng.


ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,


Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.


ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos