Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
Luka 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho. BIBELE Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.” Baasraak Sotho NT Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho bile jwalo le ka Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale o tla be o tshwara batho. |
Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.
Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.
Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.
Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.
Ke Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome;
Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.
Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.
mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.