ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,
Luka 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe. BIBELE Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta, Baasraak Sotho NT Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha. |
ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,
Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.
A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.
Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.
Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.
A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona.
Ka tsatsi le leng, a kena sekepaneng le barutuwa ba hae; a re ho bona: A re tsheleleng mose wane. Mme ba tloha.
Ba re ba sa ya, a ithoballa; mme sefefo sa moya sa ba tsohela letsheng, sekepana se ne se tlala metsi, mme ba ne ba tsielehile.
Jwale, batemona ba tswa mothong eo, ba kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela letsheng, mme wa bipelwa.
Jesu a re: Ke amilwe ke mang na? Ha ba latola bohle, Petrose le ba nang le yena ba re: Monghadi, bongata bo o peteditse, bo a o hatella, mme o bolela jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang?
A re ho bona: Tlong, le bone. Yaba ba ya, ba bona moo a dutseng teng, mme ba hlola letsatsi leo le yena; e ne e batla ho ba hora ya leshome.
Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.
Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.
O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.
Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.