Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
Luka 4:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste. BIBELE Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste. Baasraak Sotho NT Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste. |
Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate;
Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.
A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.
Jesu a inama hodima hae, a kgalemela febere, mme ya mo tlohela; mme a phakisa a tsoha, a ba sebeletsa.
Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.
O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.