Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Le meya e ditshila, ha e mmona, e ne e itihela fatshe pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Le meya e ditshila, ha e mmona, e ne e itihela fatshe pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 3:11
14 Referencias Cruzadas  

Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.


Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?


Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.


Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo.


Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.


Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos