Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 1:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 A fodisa ba bangata ba kulang malwetse a mefutafuta, a leleka batemona ba bangata; mme a se ke a dumella batemona ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 A fodisa ba bangata ba kulang malwetse a mefutafuta, a leleka batemona ba bangata; mme a se ke a dumella batemona ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:34
6 Referencias Cruzadas  

Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Jesu a kgalemela moya oo, a re: Kgutsa, o tswe mothong eo.


Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela.


Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos