Luka 3:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena. BIBELE mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Baasraak Sotho NT Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena. |
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.
Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.
Yaba leru le a tla, la ba kgurumetsa, ha ba ha tswa lentswe lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang; mo utlweng.
Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.
Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong, o kang leeba, wa ba wa dula hodima hae.
Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Yaba lentswe le a tla le etswa lehodimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, mme ke tla nne ke le tlotlise!
Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong.
kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;