Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jesu o ne a batla ho ba le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora wa Josefa, wa Heli,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Jesu yena a qala a na le dilemo tse ka bang mashome a mararo, jwalokaha ho ne ho thwe, ke mora Josefa, mora Eli.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Jesu yena a qala a na le dilemo tse ka bang mashome a mararo, jwalokaha ho ne ho thwe, ke mora Josefa, mora Eli.

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:23
20 Referencias Cruzadas  

Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Davida o ne a le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho busa; mme a busa ka dilemo tse mashome a mane.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ha ngolwa bohle ba etsang tshebetso ya tente ya pokano.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba kenang tshebetsong ya tente ya pokano,


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba kenang tshebetsong ya tente ya pokano,


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, mme ba e jara;


Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena.


Jese a tswala morena Davida.


Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.


Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.


wa Melea, wa Mainane, wa Matatha, wa Nathane, wa Davida,


Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?


Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.


Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?


Oho, Theofile, lengolo la pele ke le entse ka ditaba tsohle tseo Jesu a qadileng ho di etsa le ho ruta ka tsona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos