Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 3:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 3:22
21 Referencias Cruzadas  

Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;


A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


O be a botile Modimo; a a mo lopolle jwale, ha a mo rata;


Jwale Jesu a tloha Galelea a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena.


Eitse hobane Jesu a kolobetsoe, a phakisa a tswa ka metsing, mme bonang, mahodimo a phetlwa ho yena, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o theohela hodima hae.


Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Mehleng eo, ha fihla Jesu a etswa Nasaretha wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.


Jwale leru la eba teng, la ba kgurumetsa, mme lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;


Kganya e be ho Modimo mahodimong, kgotso e be lefatsheng ho batho bao a ba ratang.


A qala ho re ho bona: Kajeno, lengolo lena le phethahetse ditsebeng tsa lona.


Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong jwaloka leeba, mme wa dula hodima hae.


Ntate, tlotlisa lebitso la hao. Yaba lentswe le tswa lehodimong, la re: Ke le tlotlisitse, mme ke tla boela ke le tlotlise.


Le yena Ntate ya nthomileng, o pakile ka nna. Ha le eso ho utlwe lentswe la hae, leha e le ho bona sebopeho sa hae.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Ya re lopolotseng matleng a lefifi, mme a re isa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.


Ho tla ho yena, jwalokaha ho tlile lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, la bohlokwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos