Luka 2:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena. BIBELE Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena. Baasraak Sotho NT Ngwana a hola, a ipha matla moyeng, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo o ne o le hodima hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ngwana a hola, a ipha matla moyeng, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo o ne o le hodima hae. |
Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.
Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.
Baapostola ba ne ba paka tsoho ya Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, mme hlohonolofatso e kgolo e ne e dula hodima bona bohle.
Mosadi eo a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Samsone; ngwana a nna a hola, mme Jehova a nna a mo hlohonolofatsa.
Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.
Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.