Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:40 - BIBELE

40 Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 Ngwana a hola, a ipha matla moyeng, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo o ne o le hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Ngwana a hola, a ipha matla moyeng, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo o ne o le hodima hae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:40
17 Referencias Cruzadas  

“O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!”


Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.


Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.


mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.


Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.


Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.


Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.


Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.


Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos