A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!
Luka 2:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang; BIBELE Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa, Baasraak Sotho NT Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang; |
A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!
Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.
Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.
Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.
Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.
Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.
ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.
Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.
Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.
Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.
Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;
Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.
Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.
Marena a lefatshe a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.
Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.
Ka baka lang? Kahobane ha ba ka ba ho batla ka tumelo, empa ba entse jwaloka hoja ba ka ho fumana ka mesebetsi ya molao; hobane ba kgopilwe lejweng la ho kgoptjwa;
empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.
Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;
Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.
Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.
Jwale, Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae, a re: Jehova a o tsosetse bana ka mosadi enwa bakeng sa ngwana eo a kileng a mo abela Jehova. Ba ntoo kgutlela habo.