Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 39:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:43
24 Referencias Cruzadas  

Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.


A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.


ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.


Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,


A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:


Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;


Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;


Setjhaba sa hlohonolofatsa batho bohle ba ithaopileng ka thato ya bona ho aha Jerusalema.


Kganya ya Jehova e ke e hlolehe ka ho sa yeng kae! Jehova a ke a ithabele mesebetsing ya hae.


Mohlanka wa hao o ediswa ke tsona; ho bolokweng ha tsona ho na le moputso o moholo.


Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba Jehova o bolella Moshe, a re:


a lokisa dilampi pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.


Ka ya jwalo, ka se pata pela Eufrate, jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona. Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, a ba kgutlisa, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos