Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:34 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang;

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:34
38 Referencias Cruzadas  

Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.


Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.


Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.


Ba re: “Monghadi, re a hopola hore mothetsi eo, ha a sa ntse a phela, o ile a re: ’Ka mora matsatsi a mararo ke tla tsoha.


(E, le wena lerumo le tla hlaba moya wa hao), hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.


Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.


Ka baka leo, Bajuda ba batla ho mmolaya, kahobane e ne e se feela hore a tlotse Sabatha, empa a bile a bolela hore Modimo ke Ntatae, a iketsa ya lekanang le Modimo.


Empa Bajuda ha ba bona bongata, ba tlala mohono, ba hanyetsa tse bolelwang ke Pauluse, ba nyefola.


Yare ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang ho babusi ba motse, ba howa, ba re: “Bana ba ferekantseng lefatshe lohle ba tlile le mona;


Hobane re fumane monna enwa e le sehloho, le mohlohlelletsi hara Bajuda bohle ba lefatsheng lohle, hape e le moetapele wa lequloana la Banasaretha.


Empa re lakatsa ho utlwa ho wena seo o se nahanang;


Marena a lefatshe a ema, le babusi ba phuthehela ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Hobane Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o hodimodimo, ya neng a kgahlanyetsa Abrahama, ha a ne a etswa polaong ya marena, a mo hlohonolofatsa;


Mme ha ho kganetso, e monyenyane o hlohonolofatswa ke e moholo.


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos