La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?

Ver Capítulo

BIBELE

Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Le ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora ya Siloame e ileng ya ba wela, ya ba bolaya, le lekanya hoba e ne e le baetsadibe ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora ya Siloame e ileng ya ba wela, ya ba bolaya, le lekanya hoba e ne e le baetsadibe ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?

Ver Capítulo



Luka 13:4
13 Referencias Cruzadas  

Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.


Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.


bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,


Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona.


a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.