Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:15
19 Referencias Cruzadas  

Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.


Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Hape, Esekiase a kata mohlodi o kahodimo wa metsi a Gihone, a a tsamaisa katlase ka nqa bophirimela ho motse wa Davida. Mme Esekiase a atleha mesebetsing yohle ya hae.


Eitse ha ba fihla monyakong wa Sediba, maloka le moo ba leng teng, ba ehlwa ka methati ya motse wa Davida ka moepa wa lerako le okametseng ntlo ya Davida, ho ya fihla monyakong wa Metsi, nqa botjhabatsatsi.


Yaba ke fetela nqa monyakong wa Sediba, le letsheng la morena, empa ho ne ho se moo pelesa eo ke e palamileng e ka fetsang le teng.


Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Mabapa le bona, ha lokisa Shallume, mora Halloheshe, monga karolo e nngwe ya setereke sa Jerusalema, e le yena le baradi ba hae.


Monyako wa Moitedi wona wa lokiswa ke Malkija, mora Rekabe, monga setereke sa Bethe-Hakkereme; a o haha, mme a kenya mamati a wona le dinotlolo le mekwallo.


Mabapa le eo, ha lokisa Esere, mora Joshua, monga Mitspe, a lokisa koto se seng sa lerako, a qala mabapa le moepa wa ntlo ya dihlomo koung ya lerako.


Mabapa le bona, ha lokisa Melatia wa Gibeone, le Jadone wa Meronothe, le batho ba Gibeone le Mitspe, ba kalosong ya mmusisi ya mose o kwano ho noka.


Mabapa le bona, ha lokisa Refaia, mora Hure, monga karolo e nngwe ya setereke sa Jerusalema.


ka iketsetsa matamo a metsi a ho nosetsa moru wa difate tse melang.


Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?


a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Mme bana ba Benjamine ba utlwa ho thwe, bana ba Iseraele ba nyolohetse Mitspe. Yaba bana ba Iseraele, ba re: Re bolelleng kamoo bobe bo hlahileng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos