Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:6
19 Referencias Cruzadas  

A etsa dihlooho tsa ditshiya tse pedi ka koporo e tsholotsweng, hore di bewe hodima ditshiya, bolelele ba hlooho e nngwe e le ditswe tse hlano, bolelele ba hlooho ya bobedi e le ditswe tse hlano.


Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.


Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.


empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


Ka baka leo, Mohalaledi wa Iseraele o re: Erekaha le nyatsa lentswe lena, mme le itshepisa ka bothata le bokgopo, le itiisa ka jona;


Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.


Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.


A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


Jehova a eketsa a bua le nna, a re:


Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?


Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?


a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos