Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 ka baka lena, Morena o tla se tlisetsa kgoholedi e kgolo, e matla, ya Noka, kgosi ya Asiria le mabotho wohle a yona. Noka e tla thibela melatswana wa yona, metsi a phutsalle hodima mabopo a yona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:7
38 Referencias Cruzadas  

Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.


Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, leha e le ho phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.


le ba ditjhaba tse ding tse faladitsweng, tse beilweng motseng wa Samaria ke Osnappare e moholo, ya tumileng, ba ena le ba bang hape ba mose o kwano ho noka ya Eufrate. Jwalojwalo.


Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.


Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!


Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,


Lewatle le tlile Babilona, o apesitswe ke ho dumaduma ha maqhubu.


Hobane Morena Jehova o re: Mohla ke o etsang lesupi le tshwanang le metse e se nang ba ahileng ho yona, mohla ke o nyollelang bodiba, mme metsi a maholo a o aparela,


Empa bana ba hae ba tla qala ntwa, ba bokelle makgotla a mangatangata; e mong o tla futuha, a tlale hohle, a kgaphatsehe, a ntoo boya; o tla tiisa ho patela qhobosheane ya hae.


Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta?


Hobane ya etsang tseo ke Morena, Jehova wa makgotla; o ama lefatshe, mme le a qhibidiha; bohle ba ahileng ho lona ba hlomoha, kaofela ha lona le phahama jwaloka noka, le boele le kokobele jwaloka noka ya Egepeta.


Hobane maqeba a wona Samaria a mabe, kotsi ya wona e bile e hlahetse Juda; e fihlile monyako wa setjhaba sa ka, ke ho re, Jerusalema.


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos