Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:19
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.


Yare eo a sa bua, ha tla e mong, a re: Bara ba hao le baradi ba hao ha ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


mme pula ya theoha, phororo tsa tla, le meya ya foka, ya otla ntlo eo, mme ya wa, mme ho wa ha yona ya eba ho hoholo.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


Samsone a re: A nke ke shwe le Bafilesta! Yaba o inamoloha ka matla a hae kaofela, mme ntlo ya wela hodima marena le hodima batho bohle ba neng ba le teng; ba bolailweng ke yena ho shweng ha hae ba eba bangata ho ba neng ba bolailwe ke yena ho pheleng ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos