Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yare eo a sa bua, ha tla e mong, a re: Bara ba hao le baradi ba hao ha ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla hape, la re: “Bara ba hao le baradi ba hao ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona, ba ntse ba eja, ba enwa.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:18
17 Referencias Cruzadas  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Ka letsatsi le leng, ha bara ba hae le baradi ba hae ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,


Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Bara ba hae ba ne ba ena le mokgwa wa ho etsetsana mmoka, matlung a bona, e mong le e mong ka tsatsi la hae; mme ba ne ba romela ho laletsa dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho ja le ho nwa le bona.


wa nntsha leqeba hodima leqeba, wa mphallela jwaloka mohale.


Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.


ha bana ba hae ba atile, e tla ba dijo tsa lerumo, ditloholo tsa hae di ke se ke tsa kgora bohobe;


Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Tse tshwanang di ntse di hlahela bohle: kotsi e le nngwe e hlahela ya lokileng, le molotsana, le ya molemo, le ya hlwekileng, le ya ditshila, le ya hlabang sehlabelo, le ya sa hlabeng sehlabelo. Ya molemo o jwaloka moetsadibe; ya hlapaolang le yena o jwaloka ya tshabang hlapa.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;


Na hase letho, lona kaofela ba tsamayang ka tsela? Lemohang, le bone ha bohloko bo ka ba teng bo jwaloka bohloko boo ke hlahetsweng ke bona, boo Jehova a ntlhomodisang ka bona tsatsing la kgalefo e tjhesang ya hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos