Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:19 - BIBELE

19 Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:19
12 Referencias Cruzadas  

Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla hape, la re: “Bara ba hao le baradi ba hao ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona, ba ntse ba eja, ba enwa.


Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,


Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.


Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos