Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitelwang; o re phemise ho kena molekong.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 O re tshwarele dibe tsa rona; hobane le rona re tshwarela bohle ba nang le melato ho rona. O se ke wa re isa molekong; empa o re lopolle bobeng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 O re tshwarele dibe tsa rona; hobane le rona re tshwarela bohle ba nang le melato ho rona. O se ke wa re isa molekong; empa o re lopolle bobeng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:4
31 Referencias Cruzadas  

e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


o ke o mamele o le mahodimong, mme o leselle setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng bontata sona.


o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.


Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle; o tla boloka moya wa hao.


Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.


Tadima bomadimabe le bohloko ba ka, o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.


Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.


A re ho bona: Ekare ha e mong ho lona a ena le motswalle, mme a ya ho yena bosiu bo boholo, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo;


Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?


a re ho bona: Na le robetse keng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.


Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.


Empa Morena o a tshepeha; ke yena ya tla le tiisa le ho le sireletsa ho e mobe.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos