Luka 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse. BIBELE Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?” Baasraak Sotho NT Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse. |
Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!
Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.
Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova?
Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.
Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.