Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:18 - BIBELE

18 Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:18
10 Referencias Cruzadas  

Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?”


Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”


Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”


Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”


Maria a re ho lengeloi: “Hoo ho ka etsahala jwang, athe ke sa le morwetsana?”


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos