Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:12
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?


Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.


Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.


Morena o lakatsa botle ba hao; erekaha e le morena wa hao, o mo utlwe.


Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.


jwalokaha Sara a ne a utlwa Abrahama, a mmitsa morena wa hae; eo le lona le leng baradi ba hae, ha le etsa hantle, le sa tshoswe ke letho.


Ha bo esa, mosadi a kgutla, a wela monyako wa ntlo ya monna eo monga hae a fapohetseng ha hae, mme a dula teng la ba la tjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos