Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Levitike 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla, BIBELE “Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona. |
Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.
Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.
moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.
o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.
Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;
Bahlanka ba kereke le bona e be banna ba bokgabane, ba se ke ba eba le maleme a mabedi, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso:
O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.
Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;