Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 28:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 28:7
33 Referencias Cruzadas  

Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka hola ba tahilwe, mme bohlale ba bona kaofela bo ne bo felle.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng.


Ho madimatle lefatshe leo morena wa lona e leng mora batho ba kgabane, leo mahosana a lona a jang ka nako e tshwanelehang, hore a bone matla, e seng ho tahwa.


Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng.


Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha.


Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


Tshenolo yohle ho lona e se e le jwaloka ditaba tsa buka e manehilweng, e newang motho ya tsebang ho bala, mme ho thwe: E bale hle! A mpe a fetole, a re: Ke a sitwa, hobane e manehilwe.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Ntatao moholo o sitilwe, baruti ba hao ba ikgantsheditse nna.


Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.


Ho madimabe ba matla ho nwa veine, ba dinatla ho lomosa jwala;


ba lokollang motho ya molato ka baka la moputso, ba amohang ya lokileng ho loka ha hae!


Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Nkile ka bona bowatla baporofeteng ba Samaria; ba porofetile ka Baale, ba kgelositse setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.


Na ha le a bona pono ya lefeela, na ha le a bolela bonohe ba leshano, ha le re: Ho itswe ke Jehova! athe ha ke a ka ka bua?


Ha ho moprista ya tla nwa veine, ha a kena lebaleng le kahare.


Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Ho madimabe ya nosang wa habo, wena ya tswakanyetsang ba bang seno sa kgalefo ya hao, o bileng o ba tahisa, o tle o tadime bofeela ba bona!


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


Ke ka mokgwa o jwalo le bona banna ba tshwanetseng ho rata basadi ba bona jwaloka mmele wa bona. Ya ratang mosadi wa hae, eba o a ithata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios