Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bahlanka ba kereke le bona e be banna ba bokgabane, ba se ke ba eba le maleme a mabedi, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ka mokgwa o jwalo, e be bahlanka ba hlonephang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka mokgwa o jwalo, e be bahlanka ba hlonephang;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:8
17 Referencias Cruzadas  

Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona.


O lokollela molomo wa hao bobe, leleme la hao le loha thetso;


Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.


Ha ho moprista ya tla nwa veine, ha a kena lebaleng le kahare.


O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,


mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basadi ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona.


Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.


E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;


O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos