Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ho feta moo, e ka kgona a bolelwe ke ba kantle; esere a wela sekgobong le lerabeng la Diabolosi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ho feta moo, e ka kgona a bolelwe ke ba kantle; esere a wela sekgobong le lerabeng la Diabolosi.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:7
21 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


Teng, Ananiase, monna ya tshabang Modimo ka mokgwa wa molao, ya hlomphuwang ke Bajuda kaofela ba ahileng Damaseka,


Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na?


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.


Tshabang tsohle tse tshwanang le bobe.


Hape, e se ke ya eba modumedi e motjha, esebe a ka ikgohomosa, mme a wela tsuong ya Diabolose.


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.


mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.


ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.


Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.


Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete.


Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos