Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:10
9 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


oo le tlang ho rutwa ka wona ho kgetha se hlwekileng le se sa hlwekang, phoofolo e jewang le e sa jeweng.


Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,


ho tle ho tsejwe ka wona ntho e sesila, le ntho e hlwekileng. Ke oo molao bakeng sa lepera.


Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos