Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:10 - BIBELE

10 Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:10
9 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.


Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’ ”


Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,


Ona ke molao wa lepera, ho re ruta ho tseba ha ntlo e le sesila, kapa e hlwekile.


Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos