Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:11 - BIBELE

11 hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:11
16 Referencias Cruzadas  

E se e le nako e telele Baiseraele ba se na Modimo wa nnete, ba hloka le moprista ya ba rutang, ba hloka le molao.


Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.


Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.


Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang.


Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.


Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona.


“Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.


Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao, ba rute Iseraele Molao wa hao. Ba tla o tlisetsa mokubetso, ba etse nyehelo ya setjheso, ba e etse aletareng ya hao.


Le tseba hore na re le file ditaelo dife lebitsong la Morena Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos