Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:11
16 Referencias Cruzadas  

Ka tshiu tse ngata, Baiseraele ha ba ka ba eba le Modimo wa nnete, leha e le moprista ya rutang, leha e le molao;


Ba ya le naha ya Juda ba ntse ba ruta, ba tshwere buka ya molao wa Jehova, mme ba ya le metse yohle ya Juda, ba ntse ba ruta setjhaba.


Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


Ba nna ba bala bukeng ya molao wa Modimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, mme ba hlahlisa se balwang.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


O tla etsa ka tseo ba tla o bolella tsona nqalong e tla kgethwa ke Jehova, o hlokomele ho etsa ka tsohle tseo ba tla o ruta tsona.


O etse se bolelwang ke molao oo ba tla o ruta ka wona, le ka kahlolo eo ba tla o bolella yona; o se fapohe taba tseo ba tla o bolella tsona ka ho ya ka letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos