Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:12
14 Referencias Cruzadas  

Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;


ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.


Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.


Mabitso a bara ba Aarone ke ana: Wa letsibolo ke Nadabe; e ntoo ba Abihu, le Eleasare, le Ithamare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos