Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang nyehelong ya setjheso ya Morena, kamoo ke laetsweng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:13
7 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Haele sefuba se tsokoditsweng, le letsoho le emisitsweng, le tla di jela nqalong e hlwekileng, wena le bara ba hao, le baradi ba hao hammoho le wena; hobane di neilwe lona, e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Aarone le bara ba hae ba tla ja se setseng sa nyehelo, mme se tla jewa se sa lomoswa, nqalong e halalelang; ba tla se jela lebaleng la tente ya pokano.


Le tla di ja nqalong e kgethehileng haholo; monna e mong le e mong o tla di ja; e tla ba tse kgethehileng mahlong a lona.


Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos