Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele sefuba se tsokoditsweng, le letsoho le emisitsweng, le tla di jela nqalong e hlwekileng, wena le bara ba hao, le baradi ba hao hammoho le wena; hobane di neilwe lona, e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:14
10 Referencias Cruzadas  

ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.


Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.


Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.


Aarone a tsokotsa difuba tseo le letsoho le letona pela Jehova, e le kabelo e tsokotswang, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Hape, tse tlang ho ba tsa hao ke dikabelo tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisa ka ho di emisa le ka ho di tsokotsa ka nqa tsohle; tseo ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, ka molao o sa feleng. E mong le e mong ya hlwekileng tlung ya hao o tla di ja.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos