Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kantle ho mahlabelo a tjheswang a mafura, ba tla tlisa letsoho le emiswang le sefuba se tsokotswang, di tle di hlahiswe ka tsokotso pela Jehova; e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao, ka taelo ya kamehla, kamoo Jehova a laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:15
12 Referencias Cruzadas  

hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.


Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng.


Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.


Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Hobane mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele, ke nka sefuba se tlang ho tsokotswa, le letsoho le tlang ho hlahiswa ka kemiso, mme ke di nea moprista Aarone le bara ba hae ka taelo ya kamehla, e tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos